SOTHO: Mong Mmutla o kopana le Mong Mandela

Ke Motlalepola Oa Makwaiba
Basotho, chaba se setle, chabana sa ho beoa peo. Mong Mmutla a tswa ka tlung ya hae e morung. Lehodimo le ne le hlakile. Jwang bo ne bo le botala. Difate di ne di foka moyeng o phodileng. Moru o ne o tletse dipina tsa dinonyana. Empa . . . Mosemeng wa hae o monyako ho ne ho ena le ntho eo a qalang ho e bona: pampiritjhelete e ntjha ya R200. Mong Mmutla a e thonaka. “Mong Lengau o etsang mo?” A e fetofetola. “Oho! Mong Mandela,” a rialo a maketse.

Tsebe ya hae e ho le letshehadi ya nna ya tlolatlola ha a ntse a nahana. A sheba hodimo ho Mofts Nonyana wa Mongodi, ya neng a mo shebile a dutse hodima lekala la sefate sa meutlwa.

“Ke kopa o bitse kopano ya diphoofolo tsohle,” a rialo. “Ho na le tsebiso ya bohlokwa eo ke batlang ho e etsa.”Eo a fofela kwana a ntse a hoeletsa, “Kopano kaofela ha lona, sefateng sa Moduwane, hoseng hona. Bohle ba tle kopanong . . .”. “Ese e le eng jwale?” bohle ba ipotsa, ba bokana ho etsa sedikadikwe tlasa sefate. Mong Mmutla a ema bohareng. A kgohlela hanyane mme yaba o a qala, “Badudimmoho bohle ba morung ona, ke le tshwaretse ditaba tsa bohlokwa. Ntho ena,” a rialo a tsoka tjhelete ya R200 hohle, “e wetse mosemeng o monyakong wa ka.

Ha ke tsebe hore ke eng kapa e bolela eng, empa e na le sefahleho sa Mong Mandela ho yona mme kahoo ke nahana hore ke ya hae . . .”

“E na le sefahleho sa ka le nna,” ha bua Mong Lengau ka bohale eka o a swaswa. “Kahoo, mohlomong ke ya ka.” Bohle ba tsheha ntle le Mong Mmutla. O ne a se na nako ya ho swaswa.

“Ke ikemiseditse ho ya toropong hona jwale ho ya kgutlisetsa pampitshana ena ya bohlokwa ho Mong Mandela.”

“Eng?” ha botsa Mong Nare a tshohile. “O ilo lahleha kwana.”

“Ke tla be ke lahlwa ke eng?” ha botsa Mong Mmutla, a isitse peta pele.

“Hobane ha o tsebe ho bala,” ha araba Mong Tshukudu, a supile Mong Mmutla ka lenaka la hae le bohale. “Tloha mona!” ha kgaruma Mong Mmutla. “Ke nnete,” Mof Tlou a tila ka leoto la hae a tenehile. “Toropong ya Babadi batho bohle ba tseba ho bala. Mme ba sa tsebeng ho bala ba ntse ba ithuta ho bala.” “Jwale, nka hlahelwa ke eng?” Mong Mmutla a botsa.

Mong Tau a tlolela ka pele, a ntse a sisinya maro a hae. “Ba sa tsebeng ho bala ba dula ba pheta diphoso tsa bona hangata.” a rora. “Le wena o tla etsa jwalo.”

“Ha!” Mong Mmutla a halefa. “E seng nna, katsekatse!” Ka mantswe ao a hwanta a sa tshabe letho ho feta ka tlasa Mof Tlou. Yaba o qhomaka ho theosa tsela e lebang Toropong ya Babadi.

Ho se hokae a qala ho utlwa marata a toropo e kgolo. Mme a e bona. O ne a so ka a eya toropong le kgale. A sheba sefahleho sa Mong Lengau se tjheleteng. Ene eka se mo kgalemela ho se ye moo.

“Empa nna ke Mohlalefi e Monyane,” Mong Mmutla a rialo. “Ke bohlale ho feta batho bohle ba Toropo ya Babadi.” Mme a tlola a tlola ho ya kena toropong.

Batho ba pele bao a ba boneng e ne e le banana le bashanyana ba sekolo. Ba ne ba shebahala hantle ka yunifomo ya bona e mmala o bolou le o mosehla. Ba ne ba jere mekotlana ya sekolo le dibuka.

“Dumela, Mong Mmutla!” ba mo dumedisa. “Dumelang hle!” Mong Mmutla a dumedisa, a thabetse hore ba mo tsebile hore ke mang. Empa o ne a batla ho tseba. “Le ntsebella kae?” a ba botsa. “Re badile ka wena dibukeng tsa rona tsa dipale,” ngwananyana a rialo. “Kamoo Mong Kgudu a kileng a oqhekanyetsa lebelong.” Bohle ba tsheha.

Mong Mmutla a ba sheba hampe mme a tswela pele leetong la hae.

A bona batho ba mathela tereneng mme a tsamaya le bona. Seteisheneng sa ho lefa monna e mong ya apereng yunifomo e ntle, a eme kamora khaontara, a ntsha letsoho la hae mme

Mong Mmutla a re, a phahamisitse R200, “Ke tseleng ya ho ya bona Mong Mandela.”

Monna eo a hlotha tjhelete eo ka letsohong la hae…“Helang!” Mong Mmutla a halefa.

Yaba monna eo o mo kgutlisetsa pampiritjhelete ya R100. Mong Mmutla a hlahloba tjhelete eo ka tereneng.“E fetohile e se e lebolou,”a rialo, a maketse. “Mme Mong Nare o se a nkile sebaka sa Mong Lengau.” A phethola pampiritjhelete eo. “Empa Monghadi Mandela o ntse a le teng.” A ntsha sehwete ka pokothong ya hae mme a se ja a thabile, a shebile tse etsahalang ka ntle.

“O a bona he, Mong Nare,” a rialo a bua le tjhelete eo ya R100. “Le ha ke sa tsebe ho bala, ke tseleng ya ho ya bona Mong Mandela.” “Tshwarelo, Monghadi.” Mong Mmutla a sheba monna ya apereng yunifomo e bolou.

Related Posts

I-ZIFA ikhala ngokwedlula emhlabeni kwabakhokheli beHighlanders

YiNtatheli kaMthunywa INHLANGANISO yenguqu yakuleli, iZimbabwe Football Association (ZIFA), isiyethule amazwi enduduzo kulandela ukwedlula emhlabeni kwabakhokheli beqembu leHighlanders abathi umgcinisihlalo uKenneth Mhlophe, umsekeli wakhe uFiso Siziba lomgcinisikhwama uNkani Khoza. Ukwedlula…

Iyezi elimnyama kuHighlanders

YiNtatheli kaMthunywa UMGCINISIHLALO weHighlanders uKenneth Mhlophe, umsekeli wakhe uFiso Siziba lomgcinisikhwama uNkani Khoza badlule emhlabeni kungozi yemota eyenzakale ngoLwesine ebusuku emgwaqweni weBulawayo-Harare. Kubikwa ukuthi abathathu laba bebevela eKariba ngemva komdlalo…

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

×