Ke Motlalepola Oa Makwaiba
Mohlankana ya sebetsang sebakeng se ka ntle le motseng wa habo o iphumana a le kgatellong e matla ya hore a nyale kgarebe eo e leng motswalle wa mmae. Yena ka lehlakoreng le leng o bonahala a na le kgahleho e kgolo ho kgarebe esele, eo ba sa dumellaneng ka yena le mmae. Maemo a ditaba a boela a thatafatswa le ke hore yena morwetsana enwa eo mma mohlankana a sa batleng ha a nyalwa ke enwa ya sebetsang kaekae, o boetse o tsekwa le ke monyane wa yena mohlankana enwa ya dulang le mmabona hae mona yena le ho sebetsa a sa sebetse. Morwetsana enwa hantlentle o shebilwe le ke bahlankana bohle ba motse oo ka lebaka la boitshwaro ba hae bo kgahlisang ka mokgwa o makatsang.
Ka lehlohonolo morwetsana enwa maikutlo a hae a dumellana le a mohlankana enwa ya sebetsang kaekae – e leng se ileng sa tshwara enwa mma ya mohlankana hammoho le moena ha bohloko. Na kannete ho teng se ka emang ka pele ho lerato la nnete? Ipalle o tsebe ho iphumanela malebaleba a ileng a etswa ho leka ho senya lerato lena, la ya neng a lebelletse ho fumana tshehetso ya lelapa labo le yona metswalle empa a sa ka a ba le lehlohonolo la ho e fumana.
Mokreste ea batlang ho teba le ho hola,le kereke e batlang ho atleha,ba nka mangolo le pitso ea Molimo e le lintho tsa bohlokoa ‘me e be ba li Kenya ts’ebetsong ea maphelo a bona.Tsebeliso: maikutlo a mang a ka eloang hloko ka ho Kenya ts’ebetsong nako ea boithuto: U ke ke oa itsebela ka ho phethahala bohlokoa ba nako ea thapelo le boithuto ho fihlela u itloaetsa ho Kenya ts’ebetsong seo u ithutileng sona. Ithute ka ts’epo ea hore Molimo o tla u fa mokhoa oa ho Kenya ts’ebetsong tsohle. Joale ikemisetse ho Kenya seo ts’ebetsong kantle ho letsoalo le ts’tiso ea letho. Lumella ts’epo ea hao ho Kreste hore e be e tiileng ‘me u e kenye ts’ebetsong.
Etsa hore seo u se kenyang ts’ebetsong se be le tekanyo. Nahana ka hore na ke mang,ke eng,e hokae,neneng,joang le hobaneng .Mohlala “Ke tla qala ho bonts’a lerato la bohaisane ka hore ke mo botse hore na ho na le ntho eo nka mo thusang hore ke mo tlele le eona shopong nakong e tlang ha ke ilo reka.”
Ka nako e ‘ngoe u tla fumana mekhoa e mene kapa e mehlano e khethehileng eo seratsoana seo u ithutileng sona se ka sebelisoang ka teng.Ho bohlokoa ho khetha tsela e le nngoe eo u tla e sebelisa ho tsoa lentsoeng letsatsing leo e be oa e etsa. Ha u ka batla ho Kenya ts’ebetsong mekhoa eo e mengata u tla ferekana e be ha u atlehe. Ha u sa khone ho etsa khetho, sebelisa mokhoa oa pele kapa oo u hlokang thuso e khethehileng ho ona.
Etsa hore mokhoa oa hau oa ho Kenya lintho ts’ebetsong e be o mokhuts’oanyane joaloka lintho tseo u tlang ho li etsa ka Letsatsi kapa ka beke. Ha nako e lokela Molimo o tla u fa tsela ea ts’ebetso eo u tla hloka nako e telele ho e sebetsa. Ha sena se etsahala, thaba ‘me u tlotlise Molimo hobane sena se tla u haha. Ka mokhoa o ts’oanang, tsoelapele ho sebetsa le ho Kenya tsebetsong lintho tsa nako e khuts’oanyane. Li nke e le mehato ea ngoana ea ithutang ho tsamaea ‘me ka mora nakoana, mehato eo e tla fetoha lebelo. Lumella Molimo ho etsa mosebetsi o mocha letsatsi le letsatsi, ‘me u lebohe hore e be o batla ho sebetsa ka uena.
Ho na le mekhoa e mengata eo re ka ithutang Bibele ka katleho ka eona. Ha ho na mokhoa o nepahetseng ho feta e meng. Bakreste ba bangata ba nahana hore ba tla hola ka ho lula setulong ba buletse seealemoea, TV kapa ba be le boitsebelo hobane feela e le bakreste. Sena ha se etsahale. Ena ha se eona tsela e ka fetolang maphelo a rona. U keke oa hola moeeng oa ba oa teba kantle le hore u nke khato joaloka ha u keke oa ea lebenkeleng eaba u ema moo ho rekisoang eaba u fetoha cucumber. Hore re be bakreste ba holileng,re lokela ho bala re be re kene ka hare ho lentsoe la Molimo ka borona. Sena re se etsa ka thapelo ,ho sebetsa ka thata,borutuoa,ho tsepamisa maikutlo,ho kenya lintho ts’ebetsong le ho rapela khafetsa.




