SOTHO: Mokhoa oa ho etsa nako ea ho ikhutsa

Ke Motlalepola Oa Makwaiba
QALEHO: Mokhoa oa ho atamela pelo ea Molimo ka ho haha likamano tse tebileng le Molimo

Buka ea pele ea Petrose e bua ka boikokobetso, bo hlalosoang e le tabatabelo ea ho hola ho Kreste, ho fumana thuto, le ho fumana kholo. Litsela tse peli tseo u ka etsang tsena ka tsona ke ho ba le nako ea thapelo u le mong le hoba karolo ea sehlopha se senyane sa boithuto ba Bibele. Petrose o re bolella hore re lokela ho ikokobetsa e mong ho e mong e le hore re tsebe ho ba le mohau oa Molimo, re se ke ra ba bahanyetsi ba Molimo. La bobeli o re re ikhethele ho ikokobetsa, e seng feela ho batho ba bang empa le ho Molimo. Hona ho hlakile. Hona ho bohlokoa hore u be mokreste, le kereke e hlohonolofetseng le ho ba mokreste le kereke e holang, e seng ka palo empa linthong tse bohlokoa tsa borutuoa, e leng ho it’setleha, ho ithuta, ho hola Kresteng, ho etella pele mekhoeng ea bophelo ba khumamelo!

Nka matlafatsa nako ea ka ea ho ba le Molimo oa rona hore ke be mokreste ea tebileng, ea holile joang? Likhothatso tse robong ke tsena tse tla u tataisa hore u be tseleng e nepahetseng. Sehlohlolo: Elelloa moo u leng teng semoeeng (Liketso22:8-10; Baefese2:13), ‘me u rere moo u batlang ho ea teng. Etsa thloro ea hau, u be u e utloisise. Tlhoro ea hau e tlameha e phethehe, ke hore e phethehe ho Kreste.(Bakolose1;28), kapa ho e bua ka mantsoe a mang, ho ba mokreste ea holileng e le kannete, motho eo katamelo ea hae le liketso tsa hae li t’soanang le tsa Kreste(Baefese4:13). U hokae semoeeng ‘me o hloka ho ea kae? E seng hore feela na u batla ho ea kae, empa hape Molimo o u bilelitse ho ea kae?

Tsoelopele: Utloisisa hore ho na le tsoelopele (Lipesalama16:11; 73:28; Liprovobia16:9; Baheberu11:1-6) e ntseng e etsahala. Ha e etsahale ka bosiu bo le bong, hape u keke oa e fumana ka botlolong, kapa ka ho lula setulong. Tsoelopele ke e ‘ngoe ea lisebelisuoa tsa kholo. E kenyelletsa ho nt’setsa pele leeto la hore na qetello e hlokahalang ke efe. Ke ntlha ea bohlokoa ea ho fihlela tlhoro ea hau, ho nka nako ea hao u le mong, tsatsing le leng le le leng le Molimo. Ka lebaka lena, tsoelopele ea leeto e bohlokoa ka ho t’soana haeba ha se ho feta qetello ea leeto, hobane leetong la rona rea ithuta ebile rea hola! Ha re ka fihla torong ea rona ka bobebe feela re sa sokola ho fihla moo, re ke ke ra teba, ra matlafala kapa ra hola! Etsa bonnete ba hore sehlohlolo sa hao se t’soana le sa Molimo kapa ke teng moo Molimo a u hlokang teng. Ha rea lokela ho lumella boikutlo ba rona le boikhohomoso ba rona ho fifatsa litsela tsa Molimo.

Rala: Rala pele ho nako (Esaia26:3; Mareka1:35). Hona ha ho itlhahele feela, u tlameha ho rala nako ea hao ea thapelo e le hore e tle e atlehe. U ka fumana mekhoa e mengata e hlophisitsoeng ea ho rapela libukeng tsa pokello tsa bakreste kapa oa lula fat’se ka sontaha, oa etsa qeto ea hore na u tla ithuta lirapa li feng kapa likhaolo li feng boleleleng ba beke. Ho etsa sena ho tla u thusa hore u qobe bothata ba ho qeta halofo ea nako ea hao ea boithuto e le hona u ntseng u khetha hore na u batla ho ithuta kae. U ka nna oa sebelisa likarete tsa boithuto ba Bibele, libuka tsa thapelo ea boikhutso kapa tataiso tse se ntse li hlophisitsoe empa u se ke oa ikakhela feela. U tla ithuta tse ngata u be le boitsebelo ba hao, ha u ka rala.

Bathing ntomelleng ke eme mona bekeng e tlang re tlo hatela pele. Le rapelele lefatse la rona ho se keneloe ke marebele le mathororo. Molimo ke ena fela a nthoo re fenyelang a tlola ka ho sa feleng.

Related Posts

Ziyawa eGwanda

Abaculi beSouth Africa, amaQ Twins, sebefikile kuleli ngemva kokuphuthelwa luhambo lwabo lokuqala ngenxa yokulahleka kwamaphasipoti abo. Amawele la, afike elizweni ehamba lomculi odume ngengoma ethi “Uyoncengwa Ngunyoko”, uMafikizolo, njalo bonke…

Konke sekumi ngomumo kuBulawayo Arts Festival

Langalakhe Mabena KONKE sekumi ngomumo kumcimbi wezomculo oweKings and Queens Concert ozaqhutshwa ngaphansi kweBulawayo Arts Festival (BAF) mhlaka 4 Nhlangula. Umcimbi lo uxhaswa yikhansili yedolobho lakoBulawayo njalo uyingxenye yemcimbi yokuthakazelela…

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

×
×