Bana ha ba rongoe likolong

Ke Motlalepola Oa Makwaiba
‘Ngoanana ea lilemo li ‘ne, ea ileng a nyamela, Lifelekoaneng, Berea,maoba, a ronngoe lebenkeleng, o fumanoe maobane a se a thotse, ke sechaba seo esaleng se ntse se mo batla. Mookameli oa sepolesa sa Maseru e toropong, snr. supt. Mofokeng Koolo o re mofu o fumanoe a khohlelitso ka polasetiking, maoto a setse kantle, ‘me pelaelo ke hore o bolailoe ka ho soenetsoa molala, a ba a betoa ketsahalong eo ho latela litlhahlobo tsa mathomo.

O re pelaelo ea bona e ka har’a motse, ka hona sechaba sa Lifelekoaneng se thusetse ka ho fa sepolesa menyenyetsi e ka lebisang ho ts’oaroeng ha beng ba ketso eo. Molimo a be le uena. Bala Ps. 33:18-22.’

Ana ke mantsoe a tholiso a tsoang ho e mongo a baa hi ba naha. Ba thusa ho phemola meoho marameng a batsoali bao ba lahlehetsoeng ke ngoanana. Ke nete bana ba rona ba a re thusa mesebetsi ea bophelo, empa a re ba omeng  likolong ho feta tsohle.

Li lemo tse ngatana baSotho ba lla ka libuka tsa sekolo tsa phoraemare hore li hatisoe. Re letsa mefululu kajeno.

Libuka lisetse li hatisitsoe ebile re letile fela hobane li rumeloe likolong. Re kopa ho tsoarana baeso hore lenaneo lena le tsoele pele. Sechaba sa rona se hole.

Ho na le khueletso ebile e tsoang ho ba Edward Mbahwa Ndlovu Memorial Library hobane baSotho le ba tloholo ba bona ba lakatsang ho ngola libuka tsa Sesotho tsa bana tsa hobala ba entse joalo.

Ho batleha libukana tsa litabana tse e ka bang 8 – 16 ea maqephe li tletseng ka li tsoantso tsa bo kereiti 1 ho ea ho 3.

Ngolang le romele e kaba ho nna kappa likolong tsa li phoraemare tse haufi le lona. Ba bangoe ba ka romela ho nna ka aterese ea bolepu e reng [email protected] <mailto:[email protected]> kappa ba tsoarana le nna ka mokhala o reng; 0772 387 273/0713667155.

Motho a kana a ngola li kereiti tse tharo tsohle ho ea lumelloa. Mengolo ena e tsoanetse ho fihla li 19 tsa Hlakubele lie so ho fihla (19 March) phuthumang ka lebelo la mmutla. Puo ke ea rona e thuthuhisoa ke rona.

Ba heso lumelang nna ke tsamae. Le se lebale ho repela ka mehla. Le rapelele li khutsana, lihole, li ritsa, ba tsebetutu le limumu. Bafotsana le bona ba tsoanetse ho thusoa ke rona. Molimo a le hlohonolofatse a le boloke.

Related Posts

Utshisa abantwabakhe ababili, alimaze unina

YiNtatheli kaMthunywa LOKHE zisatshwaqe imizimba izakhamizi ze-Eastview Area 10 eMabvuku njengoba kuvela imbiko emitsha ngemva kokufa kwengane ezimbili zitshiswa nguyise kusehlakalo okusolwa ukuthi sibangelwe ludlakela phakathi kwezimuli. Omakhelwane lokhu besehluleka…

Amalungiselelo eHeroes Day leDefence Forces Day asefinyelele esigabeni esiphezulu

Mashudu Netsianda AMALUNGISELELO omkhosi wokunanza amaqhawe elizwe oweHeroes Day kanye lowokunanza amabutho elizwe oweDefence Forces Day alonyaka asefinyelele esigabeni esiphezulu, njalo uHulumende uthi konke okumayelana lokuhlelwa kwemicimbi le sekusezingeni elifaneleyo…

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

×